Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:4 - BIBELE

4 Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:4
69 Referencias Cruzadas  

Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena.


A furalla Morena Modimo wa bo-ntatae, a se ke a tsamaya ka tsela ya Morena.


Hoba mmuso wa Rehoboame o tsitse, mme a imatlafatse, yena le setjhaba sohle sa Iseraele ba furalla molao wa Morena.


Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa. Feela ha a a ka a kena ka Tempeleng ya Morena. Setjhaba sona sa nna sa etsa bokgopo.


Re o etseditse bokgopo bo boholo, ha re a boloka melao, le ditaelo, le dikahlolo tseo o ileng wa di laela Moshe, mohlanka wa hao.


Tjhe, ka dipelong tsa lona le rera tse kgopo, lefatsheng le etsa tse sehloho, le di etsa ka matsoho a lona.


Jwale nna ke tla o boka ka seletsa, ka baka la botshepehi ba hao, wena Modimo wa ka; ke o roke ka harepa, wena Ya Halalelang wa Iseraele.


Ke hakae ba ileng ba mo fetohela, ba mo fetohela feelleng, ba mo kgopisa lehwatateng!


Ba nna ba leka Modimo kgafetsa, ba utlwisa Ya Halalelang bohloko, Ya Halalelang wa Iseraele!


ba kweneha, ba hloka botshepehi, ba bo hloka jwaloka bo-ntata bona, ba kgutlalla jwaloka seqha se sa tiyang.


Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona, bao e bileng moloko o manganga, moloko wa befetohedi; moloko oo maikutlo a wona a neng a sa tsepama, moloko oo moya wa wona o sa tshepahaleng ho Modimo.


Ke wena matla ao se ithorisang ka wona, o re tsosa molota ka ho rata ha hao.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Theoha kapele, hobane setjhaba sa heno, seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, se se se silafetse.


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


Mahlabaphiyo le baetsadibe ba tla ripitlwa, ba furaletseng Morena ba tla timela.


Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


O ke ke be wa epelwa jwaloka kgosi, tsa tjhaba tse ding, hobane o sentse naha ya hao, wa bolaya tjhaba sa heno. Tloholo tsa ba kgopo ha di sa tla hopolwa.


Baikokobetsi ba tla boela ba thabela Morena, mafutsana a thabele Ya Halalelang wa Iseraele.


Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.


Morena o re: “Le madimabe hakaakang bana ba mahlabaphiyo, ba phethang merero eo e seng ya ka, ba etsang dilekane ba se na Moya wa ka, ba etsang hore dibe di tote!


Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ha le ka baka, la ba le kgotso, le tla pholoha, ha le ka kgutsa, la ba le tshepo, le tla matlafala, empa le hanne ho etsa jwalo.


Tjhaba sena ke sa mahlabaphiyo, bana ba sona ke bo-raleshano, molao wa Morena ha ba o mamele.


Empa Morena o bohlale, o tla tlisa koduwa, a ke ke a fetohela seo a ileng a se bolela; malapa a ba kgopo o tla a tsohela matla, le bathusi ba ba etsang bokgopo a ba tsohele matla.


O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele!


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


tsena o tla di olosa, moya o di fefole, sefefo se matla se di hasanye. Thabo ya hao e tla ba ho Morena, tlotla ya hao e be Ya Halalelang wa Iseraele.


Batho ba tla bona tsena ba be ba tsebe, ba hlokomele, ba be ba utlwisise: Morena o entse tsena ka letsoho la hae, Ya Halalelang wa Iseraele o di hlodile.”


ba reng: “Modimo a akofise mesebetsi ya hae re e bone, merero e atamele, merero ya Ya Halalelang wa Iseraele e atamele re tle re e tsebe.”


Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele.


Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo.


Ka letsatsi le letsatsi ba ntse ba mpatla, ba labalabela ho tseba ditsela tsa ka, jwalokaha eka ke setjhaba se etsang tse lokileng, se sa furallang melao ya Modimo wa sona. Ba nkopa ho ba bolella melao e lokileng, ba re ba tjhesehela ho ikatametsa ho Modimo.


“Empa ha e le lona ba furallang Morena, ba lebalang thaba ya ka, thaba e halalelang, ba batlang leseho ka ho nyehella Tosa ka dijo, ba nyehellang Sefalabohoho ka jwala bo bohale;


Ke tjhaba se mphephetsang kamehla ke se shebile, se etsetsang mahlabelo ka dirapeng, se tjhesetsang mokubetso hodima aletare ya ditene.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ke furaletswe ke wena, wa nna tjhetjha ka santhao,” ho rialo Morena. “Ke tla o tshwara ka letsoho la ka ke o timetse, ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.


“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’


O hlalefetse tsela tsa ho batla lerato, o rutile le diotswa tsela tseo tsa hao.


Morena o bua tjena: “Baholoholo ba lona ba bone kgopo ba ka e le bofe, ha ba ile ba mphuralla, ba mathelaka mafeela, mme jwale ba fetohile mafeela?


ka baka la bokgopo ba bana ba Iseraele le ba bana ba Juda, boo ba bo entseng hore ba nkgalefise, bona le dikgosi tsa bona, le babusi ba bona, le baprista ba bona, le baporofeta ba bona, le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema.


“Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele.


Baiseraele le Bajuda ha ba a furallwa ke Modimo, Modimo wa bona, Morena mabotho, le hoja naha ya bona e tletse melato, melato e sitetsweng Ya Halalelang wa Iseraele.


Empa na ba utlwisa nna bohloko? ho rialo Morena. Na hase bona ba ikutlwisang bohloko, ba tla hlajwa ke dihlong?


Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela. Ba ile ba satalatsa melala, ba etsa tse kgopo ho feta tse neng di etswe ke baholoholo ba bona.’


Ke tla etsa hona e le ho hapa dipelo tsa bana ba Iseraele, hobane bohle ba mphuraletse ka baka la medingwana ya bona ya bohata.’


Mosadi wa seotswa o newa tjhelete, empa wena o fana ka dimpho ho baratuwa bohle ba hao, o ba reka hore ba tle ho wena ba etswa hohle, ho tla feba le wena.


O fela o le moradi wa mmao kannete, yena ya neng a nyonya monna wa hae le bana ba hae. O tshwana hantle le bana beno, ba neng ba nyonya banna ba bona le bana ba bona. Mma lona e ne e le Mohete, ntata lona yena e le Moamore.


Baiseraele bohle ba tlotse molao wa hao, ba o kgeloha, ba se ke ba o mamela. “Ka baka leo, dithohako le dikahlolo tse hlapanyeditsweng, tse ngotsweng Molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di re wetse hodimo, hobane re o sitetswe.


Batho bana ke ba furaletseng Morena, ba mo furalla, ba se ke ba mmatla, leha e le hona ho ipiletsa ho yena.


Bonang, le tshwana le bo-ntata lona, le bana ba baetsadibe, le ntse le eketsa kgalefo e tshabehang ya Morena hore e tlokele Iseraele.


“Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.


“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?


Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?


Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa.


Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla?


“Batho ba tla re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bo-ntata bona, seo a ileng a se etsa le bona ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


“Morena a bona hona, mme a ba nyonya, a lahla bara le baradi ba hae.


“Ba itshilafaditse, ha e sa le bana ba hae, ba dikodi, ke moloko o kgelohang, o kgopo.


Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Dibe tsa yona di entse mohlomelo o fihlang lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a yona.


Jwale bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Re o sitetswe, hobane re furaletse Modimo wa rona, re sebeleditse bo-Baale.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos