Hosea 2:8 - BIBELE8 O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Athe yena o ne a sa ka a lemoha hoba ke nna ya mo neileng koro le veine le ole, ya bileng a mo atisetsa silefera le kgauta tseo ba sebeletsang Baale ka tsona. Ver Capítulo |
O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.