Hoba kgosi Jeroboame a ikeletse, a bopa manamane a mabedi ka kgauta, mme a re ho setjhaba: “Baiseraele, tsela ya Jerusalema le e kutlile, ho lekane! Medimo ya lona ke ena, e le ntshitseng naheng ya Egepeta!”
Hosea 8:4 - BIBELE Ba ipeetse kgosi ba sa ka ba ntherisa; ba bea mahosana nna ke sa ka ka tseba. Ka silefera le ka kgauta ya bona ba iketseditse medingwana ya bona, kahoo Baiseraele ba tla timela. Sesotho 1909/1961 (SO) Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe. |
Hoba kgosi Jeroboame a ikeletse, a bopa manamane a mabedi ka kgauta, mme a re ho setjhaba: “Baiseraele, tsela ya Jerusalema le e kutlile, ho lekane! Medimo ya lona ke ena, e le ntshitseng naheng ya Egepeta!”
Ntho ena ya eba sebe sa lelapa la Jeroboame, se ileng sa le fedisa, mme sa le timetsa lefatsheng.
A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.
Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?
Kgosi Nebukadenesare a etsa setshwantsho sa kgauta: Bophahamo ba sona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, botenya ba sona e le dimethara tse tharo; a se emisa phuleng ya Dura, naheng ya Babilona.
Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa.
Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.”
O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona.
Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: ‘Monghadi, ako re bulele;’ o tla le araba, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae.’
O tla le bolella, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae. Tlohang ho nna, lona bohle ba etsang bokgopo!’
Empa kaha jwale le tseba Modimo, kapa nka re kaha le tsejwa ke Modimo, le ka kgutlela jwang taolong ya meya eo e fokolang, e futsanehileng, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?