Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.
Ba ipeetse kgosi ba sa ka ba ntherisa; ba bea mahosana nna ke sa ka ka tseba. Ka silefera le ka kgauta ya bona ba iketseditse medingwana ya bona, kahoo Baiseraele ba tla timela.
Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”
Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka kgutla le wena, hobane wena o furaletse taelo ya Morena; le Morena o se a o furaletse hore o se be kgosi ya Iseraele.”
Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”