Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.
Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.
Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.
Samuele a re ho Saule: Nke ke ka kgutla le wena, hobane o lahlile taelo ya Jehova, le wena Jehova o o lahlile, hore o se ke wa hlola o eba morena wa Iseraele.
Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.