12 Ho bofeletswe bokgopo ba Efraime, sebe sa hae se bolokilwe.
12 Bokgopo ba Efraime bo ngotswe bukeng, sebe sa hae se ke ke sa lebaleha.
Ho tlola ha ka ho manehelletswe mokotleng, o tiisitse makgopo a ka.
Empa le re: Modimo o bolokela bana ba molotsana dikotlo tsa bokgopo ba hae. O mpe o ke o otle yena, a tle a utlwe.
Leha o bo o ka itlhatswa ka logo, wa nka sesepa se sengata, bokgopo ba hao bo ne bo ke ke ba hlakoha pela ka: ho bolela Morena Jehova.
Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,