Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae, empa Efraime ke ngwana ya sethoto, o lesisitheho ho belehwa ka nako ya teng.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 13:13
23 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: Ho itswe ke Esekiase: Tsatsi lena ke la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.


yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha;


Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.


Ba tsielehile, ba kenwe ke mahloko le matswalo, ba sonopana jwaloka mosadi ya belehang; ba tadimana ba maketse, difahleho tsa bona di fubile jwaloka mollo.


Matheka a ka a tshwerwe ke bohloko ke hona, matswalo a nkene, a jwaloka matswalo a mosadi ya belehang; ke a sonopana, ke sitwa ho utlwa; ke tshohile, ke sitwa ho bona.


Jwalokaha mosadi wa moimana a utlwa bohloko, ha a se a thwaseditswe ke kgwedi ya pelehi ya hae, mme a howa pelehing ya hae, re ne re le jwalo pela Jehova!


Ba re ho yena: Esekiase o re: Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.


Nna ke tswadisang ba bang, nka lesa ho tswadisa Sione na? ho botsa Jehova. Nna ke neang ba bang bana, nka thibela Sione ho tswala na? ho botsa Modimo wa hao.


O tla reng, mohla o otlwang? Empa ke wena ya ba lemaleditseng ho o busa jwaloka hoja o le matleng a bona. Na o ke ke wa tshwarwa ke bohloko, jwaloka mosadi ya belehang?


Wena, moahi wa Lebanone ya ahileng difateng tsa kedare, o tla bobola hakakang, mohla tlokotsi e o hlahelang le tsietsi e kang ya mobelehi.


A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?


Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.


Damaseka o fokotse, o itokisetsa ho baleha, mme ho thothomela ho hoholo; tsietsi le mahloko a mo tshwere jwaloka hoja ke ya belehang.


Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe.


Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng.


Hobane lengeloi le ne le ye le theohele letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe].


Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.


Hobane o itse: Ke o utlwile nakong e tshwanelang, mme ke o thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, jwale ke nako e tshwanelang; bonang, jwale ke letsatsi la pholoho.


Setjhaba se se nang kelello, se hlokang bohlale, na ke hona hoo le putsang Jehova ka hona na? Na hase yena ntatao, ya o ruileng, ya o entseng, ya o tiisitseng na?


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos