Hosea 13:2 - BIBELE2 Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 Le jwale, ba sa tiisetsa ho seha; ka silefera ya bona ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng ditshwantsho tsa medimo kamoo ba ikgopoletseng kateng, e le bona; kaofela ha tsona ke mesebetsi ya ditei. Ha ba bolelwa, ho thwe: Ke ba hlabang batho, ke ba akang manamane! Ver Capítulo |
Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.