Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo!
Genese 4:10 - BIBELE Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung. Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung. |
Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo!
Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”
Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.
‘Ruri, maobane ke bone madi a Nabote, le madi a bara ba hae,’ ho rialo Morena: ‘Ke tla a phetetsa ka ho sebedisa wena, hona tshimong ena,’ ho rialo Morena. Ka baka lena he, mo nke, o mo lahlele hara tshimo, ho ya ka polelo eo ya Morena.”
Moporofeta wa Modimo o ne a le teng moo, lebitso la hae e le Odede. A ya kgahlanyetsa lebotho le fihlileng Samaria, a re ho lona: “Bonang mona: Kaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ne a halefetse setjhaba sa Juda, o neelane ka sona matsohong a lona. Le se bolaile le halefile haholo, mme kgalefo ya lona e fihlile lehodimong.
“Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa!
Medumaelo ya ba shwang e utlwahala hara motse, ba tswileng dikotsi ba llela hore ba thuswe, empa thapelo tsa bona Modimo ha a di natse.
Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.
O tla ba lopolla a be lopolle ho ba mamenemene, a ba lopolle le ho ba sehloho, madi a bona e tla ba a bohlokwa, e be a bohlokwa mahlong a hae.
Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba,
Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.
Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi.
“ ‘Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.
Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo?
Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang le dumellaneng ho leka Moya wa Morena? Utlwa diqi tsa ba tswa epela monna wa hao di monyako, le wena ba tla o nkela kantle.”
“Haeba ho fumanwa setopo sa motho ya bolailweng se rapaletse hara naha eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao, mme ho sa tsejwe hore na motho eo o bolailwe ke mang;
Ka tumelo Abele o ile a nyehella Modimo ka sehlabelo se setle ho feta sa Kaine. Ke ka yona a pakilweng hore o lokile, kaha Modimo a ananetse dimpho tsa hae, mme ka yona Abele o ntse a bua, leha a shwele.
Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.
Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.
Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”
Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?” Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase.