Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:11 - BIBELE

11 Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?” Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Samuele a re: O entseng? Saule a re: Eitse ha ke bona setjhaba se nqhalanela, le wena o sa hlahe ka ditshiu tse beilweng, le Bafilesta ba se ba phuthehile Mikmashe,

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:11
12 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”


Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung.


Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o re: “Ke eng ee, eo o e entseng? Bona mona, Abinere o ne a tlile ho wena; ke ka baka lang ha o ile wa mo lokolla, mme jwale a etse ruri?


Gehasi a kena ka tlung, a ema kapele ho monga hae. Elisha a re ho yena: “O tswa kae Gehasi?” Gehasi a re: “Ha ho moo mohlanka wa hao a kileng a ya teng.”


Sera se hapile Aiata, sa pholletsa hara Migerone, sa boloka thoto ya sona Mikemase.


Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”


Ka baka leo, ke ile ka re: ‘Bafilesita ba tla theohela ho nna, Gilegale, empa ha ke eso ka ke rapela Morena, mme ka fumana ke tlameha hore ke etse nyehelo ya setjheso.’ ”


Saule le mora wa hae Jonathane, le banna bao a neng a ena le bona, ba hlola Gibea e Benjamine, empa Bafilesita bona ba hloma Mikemase.


Saule a ikgethela banna ba dikete tse tharo ba Baiseraele. Ba dikete tse pedi ba ne ba ena le yena Mikemase, le thabeng ya Bethele. Ba sekete ba ne ba ena le Jonathane, Gibea e Benjamine. Banna ba setseng a ba kgutlisetsa malapeng a bona.


Bahlabani ba Bafilesita ba ne ba laletse lekgalong la Mikemase.


Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.


Lefaru le leng le ne le le ka leboya, le tobane le Mikemase, le leng le le ka borwa, le tobane le Geba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos