Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Samuele a re: O entseng? Saule a re: Eitse ha ke bona setjhaba se nqhalanela, le wena o sa hlahe ka ditshiu tse beilweng, le Bafilesta ba se ba phuthehile Mikmashe,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?” Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:11
12 Referencias Cruzadas  

Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.


Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.


Ebile Joabe o tla ho morena, a re: O entseng? Bona hle, Abnere ha a tlile ho wena, o mo file tsela jwang, ha a bile a itsamaetse ka kgotso na?


Haele yena, a ya itlhahisa pela monga hae. Elisha a re ho yena: O tswa kae, Gehasi? A re: Mohlanka wa hao ha a tswe taotao.


Jo! Assiria o se a le Ajathe, o feta ka Migrone, o siya diphahlo tsa hae Mikmashe.


Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.


ka re: Bafilesta ba se ba ya theoha ho ntwantsha Gilgale, mme ha ke eso ho bee thapelo ho Jehova; ke ikgothaditse ke hona, mme ka etsetsa Jehova setjheso.


Saule le Jonathane, mora hae, le setjhaba se fumanweng se sa setse ho bona, ba itulela Gibea wa Benjamine, Bafilesta ba ntse ba emisitse Mikmashe.


Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.


Mohlang oo, ba qhobosheaneng ya Bafilesta ba tswela lekgalong la Mikmashe.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


Ntlha ya le leng e ne e tadimile leboya, malokana le Mikmashe, ya la bobedi e ne e tadimile borwa, malokana le Gibea.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos