Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:12 - BIBELE

12 Ka baka leo, ke ile ka re: ‘Bafilesita ba tla theohela ho nna, Gilegale, empa ha ke eso ka ke rapela Morena, mme ka fumana ke tlameha hore ke etse nyehelo ya setjheso.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ka re: Bafilesta ba se ba ya theoha ho ntwantsha Gilgale, mme ha ke eso ho bee thapelo ho Jehova; ke ikgothaditse ke hona, mme ka etsetsa Jehova setjheso.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:12
9 Referencias Cruzadas  

Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.


Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?” Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase.


Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.


Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”


Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.


Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos