Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 4:11 - BIBELE

11 Kahoo o rohakehile, mme o lelekilwe mobung oo madi a ngwaneno, a tsholotsweng ke letsoho la hao, a monyetseng ho wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme jwale o rohakilwe ke lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona ho metsa madi a ngwaneno letsohong la hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 4:11
11 Referencias Cruzadas  

Morena Modimo a re ho noha: “Hara makgomo wohle, le diphoofolo tsohle tsa naha, o rohakehile, kahobane o entse sena! O tla holoba ka mpa ya hao, o je lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.


Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”


A mo rea lebitso la Nowe, a re: “Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona, le boimeng ba wona bo bakilweng ke thohako eo Morena a rohakileng mobu ka yona.”


“Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa!


Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.


Empa bohle ba itshepisitseng ka ho phetha Molao ba rohakehile, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya sa tiisetseng ho etsa tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao o rohakehile.”


Empa lefatshe la thusa mosadi, la ahlama, mme la metsa noka eo kganyapa e e tshwetseng ka molomo wa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos