Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 3:13 - BIBELE

13 Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.

Ver Capítulo Copiar




Genese 3:13
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao?


Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?”


Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o re: “Ke eng ee, eo o e entseng? Bona mona, Abinere o ne a tlile ho wena; ke ka baka lang ha o ile wa mo lokolla, mme jwale a etse ruri?


Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: ‘Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi.’ ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano.


Empa ha a ka beleha ngwana wa ngwanana, o tla dula dibeke tse pedi a le sesila, jwalokaha a ile dinakong tsa hae, mme o tla dula matsatsi a mashome a tsheletseng a itlhwekisa lehatlelo la hae.


Banna bao ba tshoha haholo, ba mmotsa, ba re: “O entseng?” Ba ne ba tseba hore a baleha Morena, hobane o ne a se a ba boleletse.


Pilato a araba, a re: “Na ke Mojuda? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o tlisitse ho nna; o entseng?”


hobane ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho nthetsa, mme ka yona sa mpolaya.


Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.


Hase Adama ya ileng a thetswa, ke mosadi ya ileng a thetswa, mme a tlola molao.


Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?” Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase.


Saule a re: “Banna ba di nkile ho Baamaleke, hobane batho ba ile ba qenehela tse ntlentle tsa dinku le tsa dikgomo, e le hore ba tle ba etsetse Morena Modimo wa bona, sehlabelo. Tse ding tsona re di bolaile ho hang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos