Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 3:13
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o bitsa Abrame, a re: O nketseditseng taba eo? Ha o a ka wa mopolella keng hoba ke mosadi wa hao?


Josefa a re ho bona: Ke ho etsa jwang ha le etsa jwalo? Na ha le tsebe hoba motho ya jwaloka nna o fela a tseba ho noha?


Ebile Joabe o tla ho morena, a re: O entseng? Bona hle, Abnere ha a tlile ho wena, o mo file tsela jwang, ha a bile a itsamaetse ka kgotso na?


Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa.


Ekare ha a beleha ngwanana, o tla ba sesila ka veke tse pedi, jwaloka mohla a ileng kgweding, mme o tla dula tlung ka matsatsi a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, a ntse a itlhatswa madi a hae.


Yaba banna bao ba tshoha haholo, ba re ho yena: O etseditseng jwalo? Hobane banna bao ba ne ba tseba hore o balehile pela Jehova, etswe a ne a ba boleletse.


Pilato a araba, a re: Na ke Mojuda, na? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o neetse nna; o entseng?


Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.


Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.


mme hase Adama ya thetsitsweng, empa mosadi, hobane a thetswe, o hlahisitse tlolo.


Samuele a re: O entseng? Saule a re: Eitse ha ke bona setjhaba se nqhalanela, le wena o sa hlahe ka ditshiu tse beilweng, le Bafilesta ba se ba phuthehile Mikmashe,


Saule a re: Ba di nkile ho Baamaleke, hobane setjhaba se qenehetse dinku le dikgomo tse ntle, e le hore se hlabele Jehova, Modimo wa hao; ho hong re ho neetse anathema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos