Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Jehova Modimo o re ho noha: Erekaha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle, le hara diphoofolo tsohle tsa naha; o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Morena Modimo a re ho noha: “Hara makgomo wohle, le diphoofolo tsohle tsa naha, o rohakehile, kahobane o entse sena! O tla holoba ka mpa ya hao, o je lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 3:14
10 Referencias Cruzadas  

Noha e ne e feta ka bohlale diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Modimo a di entseng; mme ya re ho mosadi: A efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tsa tshimo na?


Mme jwale o rohakilwe ke lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona ho metsa madi a ngwaneno letsohong la hao.


Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Baahi ba lefeella ba tla kgumama pela hae, bao e leng dira ho yena ba nyeke lerole;


Ha o kokobeditswe, lentswe la hao le tla tswa fatshe, dipolelo tsa hao di utlwahale eka di pupetswa ke lerole; lentswe la hao le tla tloha fatshe eka la seriti, mme o tla nne o wewetse dipolelo tsa hao o le leroleng.


Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.


Kgethahanyang phoofolo e hlwekileng ho phoofolo e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho nonyana e sa hlwekang, hore le tle le se ke la iketsa batho ba manyala ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka tsohle tse hahabang lefatsheng, tseo ke le tsebisitseng tsona hore ke tse sa hlwekang.


Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos