Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 3:14 - BIBELE

14 Morena Modimo a re ho noha: “Hara makgomo wohle, le diphoofolo tsohle tsa naha, o rohakehile, kahobane o entse sena! O tla holoba ka mpa ya hao, o je lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Jehova Modimo o re ho noha: Erekaha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle, le hara diphoofolo tsohle tsa naha; o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 3:14
10 Referencias Cruzadas  

Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?”


Kahoo o rohakehile, mme o lelekilwe mobung oo madi a ngwaneno, a tsholotsweng ke letsoho la hao, a monyetseng ho wona.


“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.


Ba mo lwantshang ba ke ba mo kgumamele, dira tsa hae di nyeke lerole.


O tla bua o rapaletse fatshe, o bue o le leroleng la lefatshe; ntswe la hao e tla ka la sethotsela, polelo tsa hao di hweshetswe di etswa leroleng.


Phiri le konyana di tla fula di le mmoho, tau e je jwang jwalokaha pohwana e bo ja, sehahabi sona se phele ka ho ja lehlabathe. Ha di ka ke tsa ntsha kotsi leha e le ho bolaya, hohlehohle thabeng ya ka, thabeng e halalelang,” ho rialo Morena.


“ ‘Ka baka leo, le tla kgetholla phoofolo e hlwekileng ho e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho e sa hlwekang; le se ke la itshilafatsa ka phoofolo, kapa ka nonyana, kapa ka ntho efe kapa efe e hahabang hodima lefatshe, eo ke le kgetholletseng yona hore ha e a hlweka.


Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos