Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:5 - BIBELE

5 Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:5
26 Referencias Cruzadas  

Yaba Rubene o a ba araba, o re: “Na ke ne se ke ke le bolella hore le se ke la sitelwa mohlankanyana, empa la se ke la mamela? Bonang jwale, madi a hae a batlwa ho rona.”


Jwale ho tla ba jwang ha banna ba kgopo ba bolaile motho ya se nang molato, le hona a le diphateng ka tlung ya hae? Na ha ke tshwanele ho le ahlolela polao ya motho eo, ke le fedise lefatsheng?”


Ka baka leo, sebetsa ka bohlale ba hao, hore moriri wa hae o moputswa o se ke wa theohela Nqalong ya Bafu ka kgotso.


Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi.


Jowashe a se ke a ba a hopola molemo oo Jehoyada, ntata Sekariya, a ileng a mo etsetsa wona, yaba o bolaya mora wa Jehoyada. Ha Sekariya a eshwa, a re: “Morena a ke a le bone, mme a le otle!”


Yaba bahlanka ba hae ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.


Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi.


Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba,


“O se ke wa bolaya.


“Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa.


“ ‘O se ke wa tsamaisa leshano hara setjhaba sa heno; o se ke wa tshabella mohaeno ha a bolawa. Ke nna Morena.


“ ‘Ha motho a otla motho e mong, mme a mmolaya, le yena o tla bolawa.


Ya bolayang phoofolo o tla e lefa, empa ya bolayang motho, le yena o tla bolawa.


“ ‘Empa haeba motho a batile motho e mong ka ntho e entsweng ka tshepe, eba motho eo o a shwa, eo ya mmatileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.


Ha a mmatile ka lejwe leo a le betsitseng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.


kapa haeba a mmatile ka molamu oo a o tshwereng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.


kapa haeba a ka mo otla ka setebele ka baka la bora, mme eba eo o a shwa, eo ya mmolaileng ruri o tla bolawa, hobane ke mmolai. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ha a kopana le yena.


hore madi wohle a ba lokileng a tsholotsweng lefatsheng a botswe ho lona ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho ya fihla ho a Sakariya, mora Barakiase, eo le neng le mmolaele pakeng tsa sehalalelo le aletare.


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


“Empa haeba motho e le sera sa motho e mong, a lalla motho eo, a mo tsohela matla, a mmolaya, eba o tshabela ho o mong wa metse ena;


baholo ba motse wa habo ba tla romela batho ho mo lata moo, ba mo nee mophetetsi wa madi a tsholotsweng hore a mmolaye.


Ka mokgwa o jwalo Morena a phetetsa bokgopo ba Abimeleke, boo a ileng a bo etsetsa ntatae, ka ho bolaya bana babo ba mashome a supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos