Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:5
26 Referencias Cruzadas  

Rubene a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le bolella, ka re: Se etseng sehloho ka ngwanabo lona, la mpa la hana ho utlwa? Ke mona madi a hae a latilwe.


Ke tla etsa jwalo hakakang ka lona, banna ba babe, ha le bolaile motho ya lokileng, tlung ya hae, a robetse diphateng tsa hae; ke tla batla madi a hae jwale matsohong a lona, ke le fedise lefatsheng!


O etse ka bohlale ba hao, o se ke wa lesela moriri wa hae o moputswa ho theohela lebitleng ka kgotso.


Athalia, mma Akasia, ha a bona hobane mora hae o timetse, a tloha, a timetsa lesika lohle la borena.


Morena Joase ha a ka a elellwa molemo oo Jehojada, ntata Sakaria, a neng a mo etseditse wona; a bolaya mora wa hae; mme eo, ho shweng ha hae, a re: Jehova a ke a bone, mme a ahlole!


Yaba bahlanka ba hae ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.


Empa setjhaba sa naha sa bolaya ba fetohetseng morena Amone, mme setjhaba sa naha sa bea Josiase, mora hae, e be morena tulong tsa hae.


hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.


Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.


O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.


Mang le mang ya bolayang motho, o tla bolawa.


Ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona, empa ya bolayang motho, o tla bolawa.


Ha motho a otla ngwanabo ka ntho ya tshepe, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.


Ha a mo otla ka lejwe leo a le tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.


Ha a mo otla ka ntho ya lehong eo a e tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.


kapa ha a mo otla ka letsoho, ka bora, mme a eshwa, ya otlileng o tla otlwa ka ho bolawa, hobane ke mmolai; mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai, mohla a teanang le yena.


madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


Empa ekare ha e mong a hloile wa habo, a mo lalla, a mo tsohela matla, mme a mmolaya a eshwa, mme a balehela ho o mong wa metse eo,


moo, baholo ba motse wa habo ba tla romela ho mo ntsha teng, ba mo neele matsohong a mophetetsi wa madi, a tle a shwe.


Modimo wa busetsa jwalo ho Abimeleke bobe boo a bo entseng ho ntatae, ha a ne a bolaile banababo ba mashome a supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos