La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 21:3 - BIBELE

Aborahama a rea mora eo a mo tswaletsweng ke Sara lebitso la Isaka.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Abrahama a rea mora wa hae, eo a mo tswaletseng, eo Sara a mo tswaletseng yena, lebitso la Isaaka.

Ver Capítulo



Genese 21:3
11 Referencias Cruzadas  

Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.


Empa ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla o tswalla yena isao, ka yona nako ena.”


Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.


Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.”


Modimo a re: “Jwale nka mora wa hao ya mong feela, eo o mo ratang, Isaka, o ye naheng ya Moria, mme ka yena o etse sehlabelo sa setjheso, hodima e nngwe ya dithaba, eo ke tla o supisa yona.”


Tsena ke ditaba tsa Isaka, mora wa Aborahama. Aborahama o ile a tswala Isaka.


Aborahama a tswala Isaka, Isaka a tswala Jakobo, Jakobo a tswala Juda le bana babo,


Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.


Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”


mme ho itswe ho yena: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”


Ka nka ntata lona Aborahama mose wane wa Noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana. Ka ngatafatsa bana ba hae, ka mo nea Isaka.