Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:12 - BIBELE

12 Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Modimo o re ho Abrahama: Ho se ke ha eba bohloko ho wena bakeng sa moshanyana le sa lekgabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, o mpe o di mamele, hobane ka Isaaka ho tla tswa lesika le tla reellwa wena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:12
8 Referencias Cruzadas  

Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.


Empa ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla o tswalla yena isao, ka yona nako ena.”


Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


Feela Mangolo a reng? A re: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba a ke ke a ba mojalefa le mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.”


mme ho itswe ho yena: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”


Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa.


Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos