Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:6 - BIBELE

6 Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jwale Sara a re: Modimo o mphile ditsheho, mme le bohle, ha ba utlwa, ba tla tsheha le nna.

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:6
17 Referencias Cruzadas  

Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”


O fa nyopa lelapa, a e etse mma bana ya thabileng. Haleluja!


Yaba re keketeha ke ditsheho, maleme a rona a etsa ditlatse. Jwale hara ditjhaba ha thwe: “Morena o ba etseditse tse kgolo.”


“Na mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang, a se ka hauhela ngwana wa popelo ya hae? Leha yena a ka lebala, nna ha nka ke ka o lebala!”


Jwale ka pelong ya hao o tla re: ‘Bana baa ke ba tswaletswe ke mang? Ke ne ke shwelwe ke bana, ka ba jwaloka nyopa, ka thopuwa, ka iswa kwana le kwana. Bana baa ba hodisitswe ke mang? Ke ne ke setse ke le mong feela, empa jwale baa bona ba tswa kae?’ ”


“Bina, wena nyopa, o sa kang wa beleha, tsanyaola, o bine ka thabo, wena o sa kang wa utlwa bohloko ba pelehi, hobane bana ba mosadi ya lahlilweng, ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng,” ho rialo Morena.


Ho ke ho rohakehe ya ileng a behela ntate, yena ya ileng a mo thabisa, a re: “O tswaletswe ngwana moshanyana!”


E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela tswalo ya hae,


Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.


Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos