Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:7 - BIBELE

7 A boela a re: “Ke mang ya neng a ka re ho Aborahama: ‘Sara o tla ke a nyantshe bana’?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A ba a re: Ke mang ya ka beng a boleletse Abrahama hore Sara o tla anyesa bana, haele moo ke mo tswaletse mora botsofading ba hae?

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:7
15 Referencias Cruzadas  

Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”


Morena a re ho Aborahama: “Sara o tshehelang, ha a re: ‘Nna ruri nka tswala ngwana, ke se ke tsofetse tjee?’


Empa ke mo tswaletse mora boqhekung ba hae.” Ngwana a hola, a ba a kgweswa, mme Aborahama a etsa pitiki e kgolo mohla ngwana a kgweswang.


Ngwana eo wabo Tahepenese a tswalla Hadade mora ya bitswang Genubate. Ha ngwana eo a ekgwa, Tahepenese a mo hodisetsa tlung ya Faro, mme Genubate a ba lapeng la Faro, hara bana ba Faro.


Hoseng ha ke tsoha, ke re ke nyantsha ngwana wa ka, ka fumana hore o shwele. Empa ha ke mo tadimisisa, ha ho se ho edile, ka bona hore hase mora wa ka, eo ke mo tswetseng.”


hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi.


Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.


Jwale ka pelong ya hao o tla re: ‘Bana baa ke ba tswaletswe ke mang? Ke ne ke shwelwe ke bana, ka ba jwaloka nyopa, ka thopuwa, ka iswa kwana le kwana. Bana baa ba hodisitswe ke mang? Ke ne ke setse ke le mong feela, empa jwale baa bona ba tswa kae?’ ”


Ya kila utlwa ntho e tjee ke mang? Ya kila bona ntho tse tjee ke mang? Na fatshe le ka boptjwa ka tsatsi le le leng, kapa sona setjhaba sa tswalwa ka motsotswana? Eitse ha Sione e utlwa mahlaba a pelehi, yaba e beleha bana ba yona hanghang.


Ho ke ho rohakehe ya ileng a behela ntate, yena ya ileng a mo thabisa, a re: “O tswaletswe ngwana moshanyana!”


Ha ho boloi ho Jakobo, ha ho bonohe ho Iseraele. Ka nako ya teng ho tla thwe ho Jakobo le ho Iseraele: ‘Modimo o sebeditse hakaakang!’


e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona.


ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos