Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A ba a re: Ke mang ya ka beng a boleletse Abrahama hore Sara o tla anyesa bana, haele moo ke mo tswaletse mora botsofading ba hae?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 A boela a re: “Ke mang ya neng a ka re ho Aborahama: ‘Sara o tla ke a nyantshe bana’?

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:7
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?


Yaba Jehova o re ho Abrahama: Ke ka baka lang Sara ha a tsheha, a re: Hleka kannete nka beleha, haele moo ke tsofetse?


Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.


Ngwanabo Thahepenese a mo tswalla moshemane Genubathe, eo Thahepenese a mo kgwisitseng tlung ya Faro; Genubathe a phela hara bara ba Faro, tlung ya Faro.


Hosasa ha ke tsoha, ke re ke anyesa mora wa ka, ka bona a se a timetse; empa ha ke mo qamakisisa hosasa, ka bona e se mora ka eo ke mo tswetseng.


Hobane o moholo, o etsa meeka, o Modimo o nnotshi.


Hara medimo ha ho o tshwanang le wena, Morena; ha ho letho le ka lekanang le mesebetsi ya hao!


Mme o tla re pelong ya hao: Ke mang ya ntswaletseng bao? Hobane ke ne ke timeletswe ke bana, ke le moopa ya lelekilweng, ya hladilweng; na bao ke ba hodiseditswe ke mang? Bonang! ke ne ke siilwe ke nnotshi; bona ba ne ba le kae?


Ke mang ya utlwileng taba e jwalo? Ke mang ya boneng e tshwanang le yona? Na naha e ka tswalwa ka tsatsi le le leng, kapa setjhaba se ka tswalwa hang na, haele mona Sione a tswala bana ba hae kapele a sa qala ho utlwa bohloko na?


Ho rohakwe motho ya kileng a tsebisa ntate, a re: O tswaletswe ngwana e motona; a ba a mo thabisa haholo.


Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.


hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,


ha a etla ho tlotliswa mohlang oo bahalaleding ba hae, le ho etswa ya makatsang ka bohle ba dumetseng; hobane bopaki ba rona hara lona bo amohetswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos