Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.
Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”
Kamora moo ha hlaha moena wa hae, mme letsoho la hae le ne le tshwere serethe sa Esau, yaba ba mo rea lebitso la Jakobo. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng ha a ba tswala.