Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;
Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?
Moenae a tswa kamora hae, letsoho la hae le tshwere serethe sa Esau; mme a rewa lebitso la Jakobo. Isaaka e ne e le motho ya dilemo tse mashome a tsheletseng, mohla ba tswalwang.
Mme kahobane a ne a sa fokole tumelong, ha a ka a bala mmele wa hae o seng o shwele (athe dilemo tsa hae di ne di batla ho ba lekgolo), leha e le ho shwa ha popelo ya Sara.