Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:2 - BIBELE

2 Sara a ithwala, a tswalla Aborahama mora boqhekung ba hae, ka nako eo Modimo a neng a buile ho yena ka yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Sara o emola, a tswalla Abrahama mora botsofading ba hae, motsotsong oo Modimo o neng o mmehetse wona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:2
12 Referencias Cruzadas  

Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.


Empa ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla o tswalla yena isao, ka yona nako ena.”


Morena a re ho yena: “Ke tla boela ke o etela hape isao, ka yona nako ena, mme bona, mosadi wa hao Sara o tla be a se a ena le mora.” Sara o ne a ntse a utlwa, a eme monyakong wa tente, kamorao ho bona.


Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa,


Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.


etswe mantswe a tshepiso a re: “Ka yona nako ena ke tla tla hape, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


Ho ngotswe hore Aborahama o ne a ena le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.


Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.


Ka nka ntata lona Aborahama mose wane wa Noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana. Ka ngatafatsa bana ba hae, ka mo nea Isaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos