Moshe a phahamisetsa molamu wa hae hodima naha ya Egepeta, mme Morena a fokisa moya wa botjhabela hodima lefatshe, letsatsi lohle le bosiu bohle. Ha bo esa, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie.
Eksoda 7:9 - BIBELE “Ha Faro a bua le lona, a re: ‘Ipakeng ka ho etsa mohlolo,’ wena o tla re ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o o akgele kapele ho Faro, o tle o fetohe noha.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Etlere ha Faro a le bolella, a re: Etsang mohlolo; o tle o re ho Aarone: Nka lere la hao, o le lahlele pela Faro, mme le tla fetoha noha. |
Moshe a phahamisetsa molamu wa hae hodima naha ya Egepeta, mme Morena a fokisa moya wa botjhabela hodima lefatshe, letsatsi lohle le bosiu bohle. Ha bo esa, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie.
Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae.
Morena a re: “O akgele fatshe!” A o akgela fatshe, mme wa fetoha noha, Moshe a ba a e baleha.
Moshe a phahamisetsa molamu wa hae mahodimong, Morena a dumisa letolo, a nesa sefako; mmane wa hlaba fatshe, Morena a nesetsa sefako hodima naha ya Egepeta.
“Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.”
O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!
Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase.
empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.”
Jwale ba re ho yena: “O etsa mohlolo ofe, hore re bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng?