Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:2 - BIBELE

2 Yaba Morena o re ho yena: “Ke eng eo e ka letsohong la hao?” Moshe a re: “Ke molamu.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jehova a re ho yena: Keng eo e letsohong la hao? A re: Ke lere.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:2
10 Referencias Cruzadas  

Jakobo a nka dithutswana tse tala tsa difate tsa popoliri, le tsa perekisi, le tsa sefate sa hoki, a di ebola, a di etsa metaka e mesweu, mme a hlahisa bosweu bo ho tsona.


Elisha a re ho yena: “Nka o thusa kang? Ako mpolelle: O na le eng ka tlung ya hao?” Mosadi a re: “Lekgabunyane la hao ha le sa na letho ka tlung, haese pitsana ya ole feela.”


Morena o tla namisa mmuso wa hao, a o namise ho tloha Sione; a re: “Busa hara dira tsa hao.”


Wena o tla tshwara molamu ona ka letsoho la hao, o etse mehlolo ka wona.”


Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae.


Hosasane o tle o ye ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng; wena o tle o eme lebopong la noka, o teane le yena, ka letsohong la hao o nke molamu o ileng wa fetoha noha.


“Ha Faro a bua le lona, a re: ‘Ipakeng ka ho etsa mohlolo,’ wena o tla re ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o o akgele kapele ho Faro, o tle o fetohe noha.’ ”


empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.


Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena.


Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos