Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:39 - BIBELE

39 Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Empa a ba araba, a re: Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke wa newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

39 Empa a araba, a re ho bona: Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Empa a araba, a re ho bona: Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:39
8 Referencias Cruzadas  

O ile a busetsa meedi ya Iseraele ditulong tsa yona, ho tloha ka Lekgalo la Hamate, ho ya fihla Lewatleng la Letswai. Hona ha phethahala ho ya ka polelo ya Morena Modimo wa Iseraele, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae, moporofeta Jonase, mora wa Amitai wa Mogate-Hefere.


“Lona bana ba baloi atamelang mona, le lona bana ba difebe, le lona ba diotswa!


Lentswe la Morena la fihla ho Jonase, mora wa Amitai, la re:


Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela.


Jesu a sisimoloha moyeng, a re: “Moloko ona o batlelang sesupo? Kannete ke a le bolella, moloko ona ha o ka ke wa newa sesupo!”


Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”


Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos