Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:23 - BIBELE

23 Moshe a phahamisetsa molamu wa hae mahodimong, Morena a dumisa letolo, a nesa sefako; mmane wa hlaba fatshe, Morena a nesetsa sefako hodima naha ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodimo, mme Jehova a hlahisa diaduma le sefako; mollo wa matha fatshe, mme Jehova a nesa sefako hodima naha ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:23
22 Referencias Cruzadas  

Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.


Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae.


O hasanya sefako sa hae se kang makumane; ke mang ya ka phelang hara mohatsela wa hae?


lona mollo le sefako, lehlwa le mohodi, moya wa sefefo o phethang taelo ya hae;


maru a apolwa ke kganya e mo etellang pele, ha na sefako sa mashala a tukang.


Lentswe la Morena le utlwahala hodima metsi, Modimo ya tlotlehang o a thwathwaretsa, Morena o hodima metsi a mawatle.


Maru a nesa pula, mahodimo a thwathwaretsa, mahadima a hao a tsekema kahohle.


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole.


Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.


Sefako sa na, mmane wa nna wa tsekema hara sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona naheng yohle ya Egepeta, haesale naha eo e eba le baahi.


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Ke tla mo ahlolela lefu la sewa le tshollo ya madi, yena le mabotho a hae, le ditjhaba tse ngata tseo a nang le tsona, ke ba nesetse pula ya sekgohola, le sefako se dinaka, le mollo, le sebabole.


Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.


Ha eba le mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe. Tshisinyeho e kgolo hakaalo e ne e eso ka e eba teng haesale batho ba eba teng lefatsheng.


Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos