Eksoda 9:22 - BIBELE22 Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, hore ho tle ho ne sefako naheng yohle ya Egepeta; se nele batho, se nele diphoofolo, se nele dimela tsohle tse naheng, mona naheng ya Egepeta.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)22 Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodimo, sefako se tle se be teng naheng yohle ya Egepeta, hodima batho, le hodima diphoofolo, le hodima dimela tsohle tsa naha, lefatsheng la Egepeta. Ver Capítulo |
Yaba Morena o re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, le hodima dinoka tsa bona, le hodima dinokana tsa bona; le hodima matsha a bona, le hodima metsi a bona wohle a bokellaneng, hore a tle a fetohe madi.’ Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta, esita le meruleng le meritshwaneng.”