Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:21 - BIBELE

21 Empa ya sa natseng lentswe la Morena a tlohela makgoba a hae le diphoofolo tsa hae naheng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Empa ba neng ba sa ele lentswe la Jehova hloko, ba tlohela bahlanka ba bona le mehlape ya bona naheng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:21
11 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, ineeleng ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona, le ka meya ya lona. Emang ke hona, le hahe Sehalalelo sa Morena Modimo, e le hore areka ya selekane sa Morena, le dintho tse halalelang tsa Modimo, di tle di tliswe ka Tempeleng e tla hahelwa Morena.”


Haeba e ne le morero wa hae, a busetsa moya wa bophelo ho yena,


“Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale?


Faro a kgutla, a boela tlung ya hae, mme a se ke a natsa taba ena.


Jwale ya tshabang lentswe la Morena, hara bahlanka ba Faro, a balehisetsa makgoba a hae ka matlung, le diphoofolo tsa hae ka ditaleng.


Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, hore ho tle ho ne sefako naheng yohle ya Egepeta; se nele batho, se nele diphoofolo, se nele dimela tsohle tse naheng, mona naheng ya Egepeta.”


Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.


Ka bona, ka ba ka imamela, ka tadima, ka ithuta sena:


Monna eo a re ho nna: “Wena ngwana motho, tadimisisa, o mamedisise, o ele hloko tsohle tseo ke tla o bontsha tsona, hobane o tlisitswe kwano hore ke tle ke o bontshe tsona. O tle o bolelle Baiseraele tsohle tseo o di bonang.”


Yaba o re ho nna: “Se tshabe, Daniele, hobane ho tloha ka letsatsi la pele leo ka lona o neng o qale ho batla kutlwisiso le ho ikokobeletsa Modimo wa hao, thapelo ya hao e ne e utlwahale, mme jwale ke tlile ho arabela thapelo eo ya hao.


Ha a le lekgatheng la ho shwa, basadi ba neng ba eme pela hae, ba re: “Se tshabe letho, hobane o belehile mora.” Empa a se ke a ba araba, leha e le ho natsa seo ba se buang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos