Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Empa ba neng ba sa ele lentswe la Jehova hloko, ba tlohela bahlanka ba bona le mehlape ya bona naheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Empa ya sa natseng lentswe la Morena a tlohela makgoba a hae le diphoofolo tsa hae naheng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:21
11 Referencias Cruzadas  

Jwale, sekamisetsang pelo tsa lona le meya ya lona ho batla Jehova, Modimo wa lona; le eme, mme le hahe sehalalelo sa Jehova Modimo, hore le tle le tlise areka ya selekane sa Jehova le diphahlo tse kgethehileng tsa Modimo tlung e tla hahelwa lebitso la Jehova.


Hola o ikgopola o le mong, hola o boela o inkela moya wa wona le pululo ya wona,


Motho keng, hore o mo hlomphe, le hore o mo hlokomele;


Faro a kgutla, a ya ka tlung ya hae; taba ena ha a ka a e ela hloko.


Yaba ba tshabileng polelo ya Jehova, hara bahlanka ba Faro, ba balehisetsa bahlanka ba bona, le mehlape ya bona ka matlung.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodimo, sefako se tle se be teng naheng yohle ya Egepeta, hodima batho, le hodima diphoofolo, le hodima dimela tsohle tsa naha, lefatsheng la Egepeta.


Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.


Haele nna, ka tadima, ka elellwa; la lemoha, ka inkela thuto teng:


Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.


A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.


Ha a le makgatheng a ho shwa, basadi ba emeng ho yena ba re: Se tshabe, hobane o tswetse moshemane. A mpa a se ke a araba, leha e le ho mo ela hloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos