Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba ba tshabileng polelo ya Jehova, hara bahlanka ba Faro, ba balehisetsa bahlanka ba bona, le mehlape ya bona ka matlung.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Jwale ya tshabang lentswe la Morena, hara bahlanka ba Faro, a balehisetsa makgoba a hae ka matlung, le diphoofolo tsa hae ka ditaleng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:20
10 Referencias Cruzadas  

Faro a kgutla, a ya ka tlung ya hae; taba ena ha a ka a e ela hloko.


Empa ba neng ba sa ele lentswe la Jehova hloko, ba tlohela bahlanka ba bona le mehlape ya bona naheng.


Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe.


Ya nyedisang lentswe o a itahla; empa ya tshabang molao o tla putswa.


Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!


hoba Jehova o emela nyewe tsa bona, mme ba ba jeleng o tla ba amoha bophelo.


Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos