Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:17 - BIBELE

17 Wena o tla tshwara molamu ona ka letsoho la hao, o etse mehlolo ka wona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O tla nka lere lena letsohong la hao, o tle o etse mehlolo ka lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:17
8 Referencias Cruzadas  

Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”


Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng.


Moshe a re ho Joshua: “Re kgethele banna, o tsamaye, o yo lwantsha Baamaleke. Hosasane nna ke tla ema hodima tlhoro ya leralla, ke tshwere molamu wa Modimo ka letsohong la ka.”


Yaba Morena o re ho yena: “Ke eng eo e ka letsohong la hao?” Moshe a re: “Ke molamu.”


Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae.


“Nka molamu ona, mme o bokanye setjhaba, wena le moholwane wa hao Arone. Moo se ntseng se bona, o laele lefika lena hore le kolle metsi. O tla etsa hore lefika le kolle metsi, setjhaba sohle, le diphoofolo tsa sona, se tle se nwe.”


Empa bao e leng dithoto ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba bohlale. Ba fokolang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba matla;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos