Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.’ ”
Eksoda 7:6 - BIBELE Moshe le Arone ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Ba fela ba etsa jwalo. Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo. |
Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.’ ”
Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.
Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa.
Yaba Moshe le Arone ba ya ho Faro, mme ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Arone a akgela molamu wa hae kapele ho Faro, le kapele ho bahlanka ba hae, mme wa fetoha noha.
O tla bua tsohle tseo ke o laelang tsona. Moholwane wa hao Arone o tla bolella Faro, hore a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya hae.
Moshe le Arone ba etsa jwalokaha Morena a ba laetse. Arone a phahamisa molamu, a otla metsi a ka nokeng Faro a ntse a tadimile, le bahlanka ba hae ba ntse ba tadimile, mme metsi wohle a ka nokeng a fetoha madi.
Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.