Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 7:20 - BIBELE

20 Moshe le Arone ba etsa jwalokaha Morena a ba laetse. Arone a phahamisa molamu, a otla metsi a ka nokeng Faro a ntse a tadimile, le bahlanka ba hae ba ntse ba tadimile, mme metsi wohle a ka nokeng a fetoha madi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; a emisa lere la hae, a otla metsi a noka pontsheng ya Faro le pontsheng ya bahlanka ba hae; mme metsi kaofela a noka a fetoha madi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 7:20
14 Referencias Cruzadas  

Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”


Metsi a naha ya bona a a fetola madi, a bolaya le ditlhapi tse ho wona.


A fetola metsi a dinoka tsa bona, a a fetola madi, le a melatswana ya bona, hore ba sitwe ho nwa.


Haeba ba ntse ba sa kgodiswe ke mehlolo ena e mmedi, mme ba sa mamele lentswe la hao, o tle o kge metsi nokeng, o atshele fatshe, moo ho ommeng. Metsi ao, ao o a kgileng nokeng, a tla fetoha madi ha a fihla mobung o ommeng.”


Yaba Moshe le Arone ba ya ho Faro, mme ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Arone a akgela molamu wa hae kapele ho Faro, le kapele ho bahlanka ba hae, mme wa fetoha noha.


Ditlhapi tse ka nokeng tsa eshwa, noka ya nkga phu! mme Baegepeta ba nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng. Madi a ba hohle naheng ya Egepeta.


Moshe le Arone ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Ba fela ba etsa jwalo.


Morena, na o ne o halefetse dinoka? Na kgalefo ya hao e ne e tloketse melatswana, kapa o ne o halefetse lewatle, ha o no palame dipere tsa hao, o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo?


Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo ya mollo o tukang ha akgelwa lewatleng. Karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos