Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 7:7 - BIBELE

7 Ha ba bua le Faro, Moshe o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi, Arone a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e meraro.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Moshe o ba a na le dilemo tse mashome a robileng meno e mmedi, Aarone a na le tse mashome a robileng meno e mmedi a metso e meraro, mohla ba buang le Faro.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 7:7
11 Referencias Cruzadas  

Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.


Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.


Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, kgosi ya Egepeta ya eshwa. Bana ba Iseraele ba dumaduma ka baka la bokgoba ba bona, ba lla. Bokgobeng boo ba bona, sello sa bona sa nyolohela ho Modimo.


Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:


Arone o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e meraro ha a shwella thabeng ya Hore.


“Ha a ena le dilemo tse mashome a mane, pelong ya hae ha eba le takatso ya ho tjhakela bana babo, bana ba Iseraele.


“Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.


Ka dilemo tse mashome a mane ke ile ka le etella pele lehwatateng, empa diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le dieta tsa lona ha di a ka tsa fela.


A re ho bona: “Kajeno ke na le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Ke se ke sitwa ho ya kae kapa kae, mme Morena o itse ho nna: ‘Wena ha o ka ke wa tshela Jorodane.’


Ha Moshe a eshwa o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Empa mahlo a hae a ne a ntse a bona hantle, le matla a hae a ntse a le kaofela.


“ ‘Hamorao ka romela Moshe le Arone, mme ka otla Egepeta ka diwa tseo ke ileng ka di etsa hara yona. Hamorao ka le ntsha moo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos