Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 7:6 - BIBELE

6 Moshe le Arone ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Ba fela ba etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 7:6
12 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.’ ”


Nowe a etsa jwalo; a etsa jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Nowe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala.


Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.


Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa.


Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng.


Yaba Moshe le Arone ba ya ho Faro, mme ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Arone a akgela molamu wa hae kapele ho Faro, le kapele ho bahlanka ba hae, mme wa fetoha noha.


O tla bua tsohle tseo ke o laelang tsona. Moholwane wa hao Arone o tla bolella Faro, hore a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya hae.


Moshe le Arone ba etsa jwalokaha Morena a ba laetse. Arone a phahamisa molamu, a otla metsi a ka nokeng Faro a ntse a tadimile, le bahlanka ba hae ba ntse ba tadimile, mme metsi wohle a ka nokeng a fetoha madi.


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos