O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.”
Jwale Moshe a tlisa bara ba Arone, a ba apesa diaparo tse fihlang maotong, mme a ba tlama ka maqhama, a ba rwesa dituku, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
Dikahare le ditlhakwana a di hlatswa ka metsi, mme a tjhesetsa pheleu yohle hodima aletare. E ne e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong.
“Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le di phethe, e le hore le tle le phele, le kene naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neang yona hore e be ya lona.