Eksoda 4:12 - BIBELE Eya he, mme ke tla o thusa ho bua hantle, ke o rute seo o tla se bua.” Sesotho 1909/1961 (SO) Tsamaya he jwale, mme etlaba nna ke bang le molomo wa hao; mme ke tla o ruta seo o tla se bolela. |
Nthute ho phetha thato ya hao, hobane ke wena Modimo wa ka. Moya wa hao o motle o ke o ntsamaise, o ntsamaise tseleng e bataletseng.
O se ke wa tshwana le pere kapa mmeile, tsona di hlokang kelello, di thapiswang ka tomo le marapo; ho seng jwalo o ke ke wa di laola.
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
O tla bua le yena, o mo rute seo a tla se bua; nna ke tla le thusa hore le bue hantle, mme ke le rute seo le tla se etsa.
O entse molomo wa ka seka sabole e bohale, a mpata moriting wa atla sa hae; a nketsa motsu o leoditsweng, a mpata ka sehlajweng sa hae.
Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.
Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao.
Moshe a re: “Le tla tseba ke hona hore Morena o nthomile ho tla etsa mesebetsi ena yohle, le hore hase mesebetsi ya ka.
Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.
Yare hoba Jesu a qete ho rapela a le sebakeng se seng, morutuwa e mong wa hae a re ho yena: “Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne a rutile barutuwa ba hae.”
empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.
Le nna le nthapelle hore ke newe ho bolela molaetsa o molemo, ke phatlalatse sephiri sa wona ka sebete.
Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.