Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:9 - BIBELE

9 Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:9
22 Referencias Cruzadas  

O entse molomo wa ka seka sabole e bohale, a mpata moriting wa atla sa hae; a nketsa motsu o leoditsweng, a mpata ka sehlajweng sa hae.


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Dipolelo tsa ka di tla tswa molomong wa hao, ke o sireleditse ka moriti wa seatla sa ka, ke nna ya beileng mahodimo tulong tsa wona, ke nna ya radileng metheo ya lefatshe, ke nna ya reng ho Sione: ‘O setjhaba sa ka.’ ”


“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.


Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema.


“Nka buka, o ngole ho yona mantswe wohle ao ke a buileng ho wena ka Iseraele le Juda le ditjhaba tsohle, ho tloha mohla ke neng ke bua le wena, mehleng ya Josiya, ho fihlela kajeno lena.


Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Kaha setjhaba se buile mantswe ana, bona, polelo tsa ka tse tswang molomong wa hao, ke tla di etsa mollo, tjhaba sena e be patsi e tjheswang ke wona.


Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao.


Yaba ke bona letsoho le nkama, le nkgumamisa ka mangwele le ka matsoho a ka.


Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla.


Morena a bolella Bileame hore na a tle a reng, a nto re ho yena: “Kgutlela ho Balake mme o bue tjena.”


Ha ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang, le reng. Ka yona nako eo le tla newa hore na le reng,


Jesu a mo tlosa hara letshwele, a mo nkela thokwana, mme a kenya menwana ya hae ka ditsebeng tsa hae; a tshwela mathe, a ama leleme la hae.


hobane Moya o Halalelang o tla le ruta ka yona nako eo seo eka kgonang le se bue.”


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


Sena ke seo le neng le se kope ho Morena Modimo wa lona, ha le le thabeng ya Horebe, mohla letsatsi leo setjhaba se neng se phuthehile ka lona, la re: ‘A re se hlole re utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona hape; le mollo o moholo ona re se hlole re o bona hape, re tle re se ke ra shwa.’


“Morena o ne a re ho nna: ‘Ba buile hantle.


Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos