Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.
“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.
“Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.
Empa Morena o na le nna, o matla, o a tshabeha, kahoo bahlorisi ba ka ba tla kgothometseha. Ha ba ka ke ba ba ba hlola, ba tla hlajwa ke dihlong haholo, merero ya bona e ke ke be ya atleha, le dihlong tsa bona di ke ke be tsa lebalwa.
Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”
Le se ke la tshaba kgosi ya Babilona, eo le e tshabang hona jwale. Le se ke la e tshaba, hobane ke na le lona, ke tla le pholosa, ke le lopolle matsohong a yona, ho rialo Morena.
Haeba ho ka ba jwalo, Modimo wa rona eo re mo sebeletsang, o na le matla a ho re pholosa seboping se tukang malakabe, mme o tla re namolela matsohong a hao, wena kgosi.
Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”
Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.”
Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”