Morena, Modimo wa lehodimo, ya ileng a ntlosa tlung ya ntate le naheng eo ke ileng ka tswallwa ho yona, o ne a bue le nna, mme a ntlhapanyetsa, a re: ‘Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena.’ Ke yena ya tla romela lengeloi la hae ho o etella pele, mme o tla nkela mora wa ka mosadi hona teng.
Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”
Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”
Jwale Moshe a araba, a re: “Empa bona, ha ba na ho nkgolwa, mme ha ba na ho mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: ‘Morena ha a eso ka a iponahatsa ho wena.’ ”
Jwale kgalefo ya Morena ya tlokela Moshe, mme Morena a re ho yena: “Ha ke re moholwane wa hao Arone, wa Molevi, o teng? Ke a tseba hore yena o na le bokgeleke ba puo. Bona mona, o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, mme o tla thaba haholo ha a o bona.
Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.
Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.
Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”
Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: ‘Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla.