Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 13:11 - BIBELE

11 Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mohla ba le hulang ho le isa kahlolong, le se ke la belaela pele ka seo le tla se bolela, mme le se ke la se nahana, empa seo le tla se newa nakong yona eo, le bolele sona; hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Empa ha ba le etella pele, mme ba le neela, le se ke la nahana esale pele seo le tla se bua, mme le se ke la rera esale pele; empa seo le tla se newa ka nako eo, le bue sona; hobane ha se lona ba buang, empa le bua. Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Empa ha ba le etella pele, mme ba le neela, le se ke la nahana esale pele seo le tla se bua, mme le se ke la rera esale pele; empa seo le tla se newa ka nako eo, le bue sona; hobane ha se lona ba buang, empa le bua. Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:11
25 Referencias Cruzadas  

“Moya wa Morena o buile ka ho nna, lentswe la hae la ba lelemeng la ka.


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo.


“Motho o tla ekelwa lefu ke ngwanabo, le ngwana ke ntatae, mme bana ba tla fetohela batswadi, ba ba bolaye.


“Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona.


“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.


Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho haese ha a le newa le etswa lehodimong.


Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.


Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bo-ntata rona, o tlotlisitse mohlanka wa hae, Jesu, eo lona le neelaneng ka yena, la mo hana kapele ho Pilato, ha yena a ne a rerile ho mo lokolla.


Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Empa ba ne ba sitwa ho hlola bohlale le moya oo a neng a bua ka wona.


Bohle ba neng ba dutse ka kgotla, ba mo tjametse, ba bona sefahleho sa hae e ka sa lengeloi.


Empa kaha a ne a tletse Moya o Halalelang, a tadima lehodimong, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo,


Tsena ha re di bolele ka mantswe a rutwang ka bohlale ba motho, empa re di bolela ka mantswe a rutwang ke Moya o Halalelang, ka ho hlalosetsa ba nang le Moya o Halalelang ditaba tsa moya.


Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang.


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos