Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
Yaba Elia o a tsamaya, mme a fumana Elisha, mora wa Shafate, moo ho ntseng ho lengwa ka dipane tse leshome le metso e mmedi tsa dipholo, yena a lema ka sepane sa leshome le metso e mmedi. Elia a fihla a feta pela Elisha, yaba o akgela kobo ya hae hodima hae.
Yaba o a tsoha, o a ja, o a nwa. Dijo tseo tsa mo matlafatsa, mme a tsamaya matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona.
Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo.
Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re:
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”
Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.
Moshe a re ho Hobabe, mora wa Reuele wa Momidiane, e leng mohwe wa Moshe: “Re tswela pele leetong la ho ya sebakeng seo Morena a ileng a re: ‘Ke tla le nea sona.’ Tsamaya le rona mme re tla o etsetsa tse molemo, hobane Morena o tshepisitse Iseraele tse molemo.”
Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola.
“Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.
Mohla le neng le eme kapele ho Morena Modimo wa lona, Horebe, Morena a re ho nna: ‘Nkgobokanyetse setjhaba, ke tle ke etse hore se mamele dipolelo tsa ka, e le hore se tle se ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha sona lefatsheng, le hore se tle se rute bana ba sona.’
Jwale Hebere wa Mokene o ne a ikarohantse ho Bakene, e leng ditloholo tsa Hobabe, mohwe wa Moshe, a hlomme tente ya hae tlasa sefate sa eike se Saananime, e pela Kedeshe.
Samuele a re ho Jese: “Na ha o sa na bara ba bang?” Jese a re: “Wa ho fela o sa le teng, feela yena ke modisana wa dinku.” Samuele a re ho Jese: “Roma motho a yo mo lata, hobane re ke ke ra ba ra ja a eso ka a fihla mona.”