Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:27 - BIBELE

27 Jwale Morena a re ho Arone: “Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lehwatateng.” Arone a tsamaya, a teana le Moshe thabeng ya Modimo, a mo aka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Jehova o ne a itse ho Aarone: Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lefeelleng. O na be a ile, a mo fumana thabeng ya Modimo, a mo aka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:27
15 Referencias Cruzadas  

Jwale Jakobo a aka Ragele, a ba a lla.


Yaba o a tsoha, o a ja, o a nwa. Dijo tseo tsa mo matlafatsa, mme a tsamaya matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


A romela Moshe, mohlanka wa hae, le Arone eo a mo kgethileng.


Ha Moshe a le lehwatateng, thabeng ya Modimo, moo a neng a hlomile teng, mohwe wa hae Jethero, a fihla moo a ena le bara ba Moshe, le mosadi wa Moshe.


Jwale Moshe a tswa ho ya kgahlanyetsa mohwe wa hae; a itihela kapele ho yena, a mo aka. Ba botsana bophelo, ba nto kena ka tenteng.


Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re:


Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole.


Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Yaba Morena o tlohela Moshe. Sefora o ne a re ke monna wa madi, ka baka la lebollo.


Ba babedi ba feta ya mong, moputso wa bona o a hlamatseha.


Ema he, o theohe, o ye le bona o sa qeaqee, hobane ba romilwe ke nna.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos