Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 33:6 - BIBELE

6 Ka baka leo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba hlola ba rwala mekgabiso ya bona, ho qala ha ba le thabeng ya Horebe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka mokgwa oo, bana ba Iseraele ba rola dikgabiso tsa bona ho tloha thabeng ya Horebe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:6
7 Referencias Cruzadas  

Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Setjhaba sohle sa rola masale a kgauta, ao se neng se a rwetse ditsebeng, sa a tlisa ho Arone.


Yare ha setjhaba se utlwa mantswe ana a bohloko, sa lla, mme ha se ke ha eba ya rwalang mekgabiso ya hae.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Le setjhaba se manganga; ha nka ka ba hara lona motsotswana o le mong feela, nka le timetsa. Jwale rolang mekgabiso ya lona, ke tle ke tsebe hore na ke etsa eng ho lona.’ ”


Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo.


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Batho ba Ninife ba dumela molaetsa wa Modimo. Ba laela hore ho itingwe dijo, mme bohle ba baholo le ba banyenyane ba apara tse mahwashe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos