BaFilipi 1:8 - BIBELE Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste. Baasraak Sotho NT Hobane Modimo ke paki ya ka ya kamoo ke le hlolohetsweng bohle kateng, ka lerato la Kreste Jesu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Modimo ke paki ya ka ya kamoo ke le hlolohetsweng bohle kateng, ka lerato la Kreste Jesu. |
Wena ya leahong la hao le halalelang, le tlotlehang, tadima fatshe, o le lehodimong, o bone! E kae tjheseho ya hao, a kae matla a hao? E kae kutlwelobohloko ya hao, o kae mohau wa hao? Oho, Morena, o re hanetse ka tsona!
Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.
Modimo eo ke mo sebeletsang ka moya wa ka wohle, ka ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mora wa hae, ke paki ya ka, ya kamoo ke sa phetseng kateng ho le rapella.
Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela
Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe.
Lerato la hae ho lona le ntse le matlafala, ha a hopola kamoo le ileng la mo mamela kateng, le kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le ka thothomelo kateng.
Bana ba ka, ke boela ke le utlwela bohloko bo kang ba pelehi, ho fihlela Kreste a bopeha ka ho lona.
Haeba ho Kreste le fumana matshediso, le kgothatso e tswang leratong, le phedisano le Moya o Halalelang, le mohau, le kutlwelobohloko,
O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula.
Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.
Ke rata ha le ka tseba kamoo ke le lwanetseng haboima kateng, lona, le baahi ba Laodisea, le ba bang ba bangata ba sa tsebeng le sefahleho sa ka.
Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.
Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.
Kamoo re le ratang kateng, ha re a ka ra ikemisetsa ho abelana le lona molaetsa o molemo feela, empa re ile ra ikemisetsa le ho le tella le bona bophelo ba rona, hobane re le rata haholo.
Ke hopola meokgo ya hao, mme ke hlolohetswe ho o bona, e le hore ke tle ke be le thabo a kgaphatsehang.
Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?